Pampiri ena e na le maqephe a 7.
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano ya ka mehla tse kgutshwane 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 200 - 250 KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 80 - 100 KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane -
mantswe a 60 - 80
KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 200 - 250. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
O ne o hlaha sekolong o tsamaya mmileng o lebileng lapeng leno ha o tla bona kotsi e mpe e ileng ya etsahala dipakeng tsa lori e neng e laetse ditene le koloi e nyenyane. Baeti ba babedi ba neng ba le koloing eo ba tswile dikotsi tse mpe mme ha ba kgone ho hlalosa se ileng sa ba hlahela. Mokganni wa lori ha a ka a emisa, o ile a baleha. Ke wena feela ya boneng mohato o mong le o mong wa se ileng sa etsahala. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ka botlalo ketsahalo ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Ke hopola mohato o mong le o mong wa kotsi ena.' [40]
KAPA KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
Selemo sena ke sa ho qetela o le sekolong sena. Ho na le batho ba bangata bao o tla dula o ba hopola. O bile le monyetla wa ho etsa setswalle le ba bang ba bona. Hara batho ba ammeng bophelo ba hao ho bile le titjhere eo o e ratileng le ho e hlompha hobane e bile le tshusumetso e matla ho wena. E be ke motho ya jwang? A ke o ngole moqoqo oo ho wona o hlalosang ka botlalo motho enwa wa bohlokwa hakaana ho wena. Sehlooho sa moqoqo e be, 'Ruri enwa motho o bohlokwa ho nna'. [40]
KAPA
O ne o menngwe lenyalong mafelong a beke e fetileng. Tse etsahetseng lenyalong leo ke tseo o ke keng wa di lebala. Ditlhophiso tsa lenyalo di nyopile boholo - ha ho letho le tsamaileng ka tshwanelo. Lenyalo lena e ne eka motlae. Ngola moqoqo oo ho wona o phetang tse ileng tsa etsahala letsatsing leo la lenyalo. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be, 'Ha ke eso bone diphoso tse jwalo'. [40]
KAPA
O badile buka ya Sesotho e o kgahlileng haholo ebile e o ruta ho hong mabapi le bophelo. Buka ena e o natefetse haholo hoo o ratang ho e phetela batjha ba bang hobane o rata ho arolelana le bona seo o ithutileng sona. Ngola moqoqo o phetang le ho hlalosa thuto eo mongodi wa buka ena a e fetisetsang babading ba hae. Sehlooho sa hao sa moqoqo wa hao e be, 'Thuto eo ke ithutileng yona bukeng ena'. [40]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 40
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 80 - 100.
Batswadi ba hao ba ikgantsha le ho ba motlotlo ka tsela eo o sebeditseng hantle ka teng ditlhahlobong tsa mafelo a selemo. Ba o thabetse haholo mme ba rerile ho o etsetsa moketjana wa letsatsi la tswalo hoba o tla be o qeta dilemo tse leshome le metso e robedi. Ngola karete ya memo eo o tla e romella metswalle ya hao ho tla keteka le wena. [20]
KAPA
Bala tajana tsena tse hlahelang ka tlase mona. Ha o se o utlwisisa maemo ao a ditaba e be o ngola puisano eo o tla e ntshetsang pele ka seo ho buuwang ka sona.
Mofumahadi Modiehi o bile le bothata ka thelevishene eo a ileng a e reka ho le leng la mabenkele a thepa. Ke enwa o buisana le motsamaisi, monghadi Thekiso.
Mof. Modiehi: Dumela ntate.Mong. Thekiso: Dumela mofumahatsana. Na nka o thusa?Mof. Modiehi: Ke kgutlisitse thelevishene, ke yane ka koloing ya ka ka ntle. Ke e rekile ka Moqebelo empa e se e hana ho bapala.
Tswela pele ka puisano [20] KAPA
Motswalle wa hao o sepetlele toropong e nngwe e hole le moo o dulang teng. O tswile kotsi ho thulaneng ha makoloi. O sitwa ho ka mo etela ka mabaka a itseng. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse. [20]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 20
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema e be mantswe a 60 - 80.
Moahisane wa hao o qadile kgwebo e nyenyane ya inthanete, difounu le ho tlanya (typing). O rekile khomputha a ba a hokela le difounu tse mmalwa. O
o kopile ho mo thusa ka mawa a ka latelwang ho tsebisa setjhaba ka kgwebo ena mmoho le ditshebeletso tse fumanehang ho yona. O se o na le leano. O nahanne ho mo thusa ka ho mo ngolla pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) e nehelanang ka tlhahisoleseding yohle e hlokehang. E ngole ka makgethe. [20]
KAPA
Ka la 27 Mphalane 2007, sehlopha sa Afrika Borwa sa Rugby se hapile Mohope wa Lefatshe wa Papadi ya Rugby. Sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng ka bophara e bile Bryan Havana. Monna enwa o fumane kgau mme re motlotlo. Mo ngolle karete eo ho yona o mo lakaletsang mahlohonolo le ho mo thoholetsa hore a be le bokamoso bo botle papading ya rugby. [20]
KAPA
Sebini se tummeng ka mmino wa bodumedi e leng Rebecca Malope, o etela motseng wa haeno ho tla bina tse ding tsa dipina tsa hae. O e mong wa ditho komiting ya tsa boithabiso motseng wa heno ho hlophisetsa mokete ona. Ngola phoustara e tsebisang baahi ka konsarete ena. Hopola ho ngola dintlha tsohle tsa bohlokwa. [20]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 20
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE: 80
